4. Ntlo ya Hasaele ke tla e tjhesa,matlo a dikwele tsa Bene-Hadadeke a timetse.
5. Ke tla roba mekwalloya kgoro tsa Damaseka,ke timetse ba ahilengka Kgohlong ya Afene,le ya tshwereng lere la puso,puso ya Bete-Edenebaahi ba Arame ba thopelwe Kire,”ho rialo Morena.
6. Morena o bua tjena:“Baahi ba Gasa ba ntshitetsweka makgetlo a se na palo,kahoo ha nka ke ka ba tshwarela;ba thopile setjhaba,ba se thopa kaofela ha sona,ba se rekisetsa Baedomohore e be makgoba.
7. Marako a Gasa ke tla a tjhesa,matlo a dikwele tsa yonake a timetse.
8. Ke tla timetsa baahi ba Ashedode,le ya tshwereng lere la puso,puso ya Ashekelone;motse wa Ekerone ke tla o otla,masalla wohle a Bafilesitake a timetse,”ho rialo Morena Modimo.
9. Morena o bua tjena:“Baahi ba Tire ba ntshitetsweka makgetlo a se na palo,kahoo ha nka ke ka ba tshwarela;ba thopetse setjhaba kaofela Edomo,ba sa llelane letsetsesa bana ba motho.
10. Marako a Tire ke tla a tjhesa,matlo a dikwele tsa yonake a timetse.”
11. Morena o bua tjena:“Baahi ba Edomo ba ntshitetsweka makgetlo a se na palo,kahoo ha nka ke ka ba tshwarela.Ba manakisitse bana babo bona,ba ba manakisa ka sabole,ba ba manakisa ba se na mohau,ba pheella kgalefong ya bona,bohale ba bona ba tuka malakabe,ba tuka sa malakabe a sa time.
12. Motse wa Temana ke tla o tjesa,matlo a dikwele tsa Boserake a timetse.”
13. Morena o bua tjena:“Baahi ba Amone ba ntshitetsweka makgetlo a se na palo,kahoo ha nka ke ka ba tshwarela.Ba tabotse baimana ba Gileade,ba ba tabola dimpa,ba tle ba atolose meedi ya bona.
14. Marako a Raba ke tla a tjhesa,matlo a dikwele tsa yona ke a timetse,hara mokorotlo,mohla tsatsi la ntwa,hara lehoduotswana,mohla tsatsi la sefefo.
15. Kgosi ya Amone e tla thopuwa,Yona le mahosana a yona kaofela,”ho rialo Morena.