Amose 1:13-15 BIBELE (SSO89SO)

13. Morena o bua tjena:“Baahi ba Amone ba ntshitetsweka makgetlo a se na palo,kahoo ha nka ke ka ba tshwarela.Ba tabotse baimana ba Gileade,ba ba tabola dimpa,ba tle ba atolose meedi ya bona.

14. Marako a Raba ke tla a tjhesa,matlo a dikwele tsa yona ke a timetse,hara mokorotlo,mohla tsatsi la ntwa,hara lehoduotswana,mohla tsatsi la sefefo.

15. Kgosi ya Amone e tla thopuwa,Yona le mahosana a yona kaofela,”ho rialo Morena.

Amose 1