1. Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.
2. Yaba Amose o re:“Morena o puruma a le Sione,o thwathwaretsa a le Jerusalema;makgulo a badisa a a omella,tlhoro ya Karamele yona e a pona.”
3. Morena o bua tjena:“Baahi ba Damaseka ba ntshitetsweka makgetlo a se na palo,kahoo ha nka ke ka ba tshwarela;ba siditse Gileade ka dilei,ka dilei tse nang le meno a tshepe.
4. Ntlo ya Hasaele ke tla e tjhesa,matlo a dikwele tsa Bene-Hadadeke a timetse.