Amose 1:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.

2. Yaba Amose o re:“Morena o puruma a le Sione,o thwathwaretsa a le Jerusalema;makgulo a badisa a a omella,tlhoro ya Karamele yona e a pona.”

3. Morena o bua tjena:“Baahi ba Damaseka ba ntshitetsweka makgetlo a se na palo,kahoo ha nka ke ka ba tshwarela;ba siditse Gileade ka dilei,ka dilei tse nang le meno a tshepe.

4. Ntlo ya Hasaele ke tla e tjhesa,matlo a dikwele tsa Bene-Hadadeke a timetse.

5. Ke tla roba mekwalloya kgoro tsa Damaseka,ke timetse ba ahilengka Kgohlong ya Afene,le ya tshwereng lere la puso,puso ya Bete-Edenebaahi ba Arame ba thopelwe Kire,”ho rialo Morena.

6. Morena o bua tjena:“Baahi ba Gasa ba ntshitetsweka makgetlo a se na palo,kahoo ha nka ke ka ba tshwarela;ba thopile setjhaba,ba se thopa kaofela ha sona,ba se rekisetsa Baedomohore e be makgoba.

7. Marako a Gasa ke tla a tjhesa,matlo a dikwele tsa yonake a timetse.

8. Ke tla timetsa baahi ba Ashedode,le ya tshwereng lere la puso,puso ya Ashekelone;motse wa Ekerone ke tla o otla,masalla wohle a Bafilesitake a timetse,”ho rialo Morena Modimo.

9. Morena o bua tjena:“Baahi ba Tire ba ntshitetsweka makgetlo a se na palo,kahoo ha nka ke ka ba tshwarela;ba thopetse setjhaba kaofela Edomo,ba sa llelane letsetsesa bana ba motho.

10. Marako a Tire ke tla a tjhesa,matlo a dikwele tsa yonake a timetse.”

Amose 1