1. Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa Gaiose, motswalle wa ka, eo ke mo ratang kannete.
2. Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.
3. Ke ile ka itumela haholo ha badumedi ba bang ba etla, mme ba paka kamoo o tsamayang nneteng kateng.
4. Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng.