3. E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngwa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitshwaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng,
4. mahlabaphiyo, ba soro, baikgohomosi. Ba tla rata menate ya lefatshe, ho ena le Modimo;
5. ba tla bonahala e ka ba na le bodumedi, athe ba lahlile matla a bodumedi. Ba jwalo o ba furalle.
6. Ba bang ba bona ba kgukgunela malapa a batho, ba ikgapela basatsana ba sesang hara dibe, ba kgannwang ke ditakatso tsa mefutafuta,
7. ba batlang ho ithuta kamehla, empa ba ke keng ba tseba nnete le kgale.
8. Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele.
9. Empa ba ke ke ba atleha hoyahoile, hobane bothoto ba bona bo tla pepeseha ho bohle, jwaloka bothoto ba bao ba babedi.
10. Ha e le wena, o ntatetse ka hloko thutong, metsamaong, mererong, tumelong, mamellong, leratong, tiisetsong,
11. ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.
12. Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa.
13. Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne ba tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe.