2 Timothea 3:14-17 BIBELE (SSO89SO)

14. Empa wena, kgomarela tseo o di rutilweng ka mokgwa o kgodisang, o ntse o tseba hore na o di rutilwe ke mang.

15. Ho tloha bonyenyaneng ba hao o tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu.

16. Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona,

17. hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.

2 Timothea 3