2 Timothea 2:3-18 BIBELE (SSO89SO)

3. O mamelle mahloko le nna jwaloka mohlabani wa sebele wa Kreste Jesu.

4. Ha ho ya hlabanang ya ka itshitisang ka ditaba tsa bophelo bona, haeba a rata ho kgahlisa molaodi ya mo thotseng.

5. Ya kenelang phehisano ya dipapadi le yena a ke ke a fumana moqhaka wa tlholo, haeba a sa bapale ho ya ka melao ya teng.

6. Sehwai ke sona se lokelang ho shwama pele.

7. Nahana ka seo ke se bolelang, mme Morena o tla o fa kutlwisiso ya tsena tsohle.

8. Hopola Jesu Kreste, setloholo sa Davida, ya tsohileng bafung, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka

9. oo ke hlokofatswang ka baka la wona, ke bileng ke leng ditlamong jwaloka sesenyi. Empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.

10. Kahoo ke mamella tseo tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane pholoho mmoho le tlotla e sa feleng ka Kreste Jesu.

11. Lentswe lena ke la nnete, le reng:“Haeba re shwele le yena,re tla phela le yena;

12. haeba re mamella,re tla busa le yena;haeba re mo latola,le yena o tla re latola;

13. haeba re sa tshepahale,yena o tla nne a tshepahalehobane ha a ka ke a fetoha.”

14. O nne o ba hopotse tsena, mme pela Modimo o ipiletse ho bona hore ba se ke ba ngangisana ka mantswe, e leng ho sa thuseng letho, haese ho timetsa ba mametseng.

15. Etsa ka matla ho ba ya amohelehang ho Modimo, mosebeletsi ya ke keng a hlajwa ke dihlong, ya rutang lentswe la nnete ka ho otloloha.

16. Sesefa dipolelo tse sa hlompheng, tsa lefeela, hobane di kgelosa batho bodumeding le ho feta.

17. Dipolelo tsa bona di tla keka jwaloka mofetshe. Hara bona ho na le Hemenaiose le Filetose,

18. ba kgelohileng nnete, ba ferekanyang tumelo ya ba bang, ka ho re tsoho ya bafu e se e ile ya eba teng.

2 Timothea 2