18. ba kgelohileng nnete, ba ferekanyang tumelo ya ba bang, ka ho re tsoho ya bafu e se e ile ya eba teng.
19. Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”
20. Ka tlung e kgolo ha ho fumanwe dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa le tsona tsa lehong le tsa letsopa; tse ding ke tsa mesebetsi e kgethehileng, tse ding ke tsa mesebetsi ya kamehla.
21. Ekare ha motho a itlhwekisa ho tsena, e tla ba pitsa ya mesebetsi e kgethehileng, e halaleditsweng, e nang le thuso ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e molemo.
22. Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.
23. Hana dikgang tsa bothoto, tse se nang kelello, etswe o tseba hore di tswala dintwa.
24. Mohlanka wa Morena ha a tshwanele ho lwana, empa eka kgona a be mosa ho bohle, a tsebe ho ruta, a be le mamello.
25. A rute bahanyetsi ka bonolo. Mohlomong Modimo a ka ba fa hore ba bake, ba tsebe nnete,
26. ba hlaphohelwe, mme ba phonyohe lerabeng la Diabolosi ya ba tshwasitseng hore ba etse thato ya hae.