2 Timothea 2:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.

2. Tseo o di utlwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepahalang, ba ka tsebang ho di ruta ba bang.

3. O mamelle mahloko le nna jwaloka mohlabani wa sebele wa Kreste Jesu.

4. Ha ho ya hlabanang ya ka itshitisang ka ditaba tsa bophelo bona, haeba a rata ho kgahlisa molaodi ya mo thotseng.

5. Ya kenelang phehisano ya dipapadi le yena a ke ke a fumana moqhaka wa tlholo, haeba a sa bapale ho ya ka melao ya teng.

6. Sehwai ke sona se lokelang ho shwama pele.

7. Nahana ka seo ke se bolelang, mme Morena o tla o fa kutlwisiso ya tsena tsohle.

8. Hopola Jesu Kreste, setloholo sa Davida, ya tsohileng bafung, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka

9. oo ke hlokofatswang ka baka la wona, ke bileng ke leng ditlamong jwaloka sesenyi. Empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.

10. Kahoo ke mamella tseo tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane pholoho mmoho le tlotla e sa feleng ka Kreste Jesu.

11. Lentswe lena ke la nnete, le reng:“Haeba re shwele le yena,re tla phela le yena;

12. haeba re mamella,re tla busa le yena;haeba re mo latola,le yena o tla re latola;

13. haeba re sa tshepahale,yena o tla nne a tshepahalehobane ha a ka ke a fetoha.”

2 Timothea 2