3. Kgosi ya re: “Na ho sa na le e mong wa lelapa la Saule, eo nka mmontshang lerato la Modimo?”Siba a re ho kgosi: “Jonathane o ntse a ena le mora, feela o holofetse maoto.”
4. Kgosi ya re ho yena: “O kae?”Siba a re ho kgosi: “O Lo-Dabare, lapeng la Makiri, mora wa Amiele.”
5. Yaba kgosi Davida o roma maqosa Lo-Dabare ho ya lata Mefiboshete, lapeng la Makiri, mora wa Amiele.
6. Ha Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule, a fihla ho Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho.Davida a re: “Mefiboshete!”Yena a araba, a re: “Ke nna enwa, mohlanka wa hao!”
7. Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.”
8. Mefiboshete a obama, a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ke eng, hoo o ka tsotellang ntja e shweleng, e kang nna tjee?”
9. Jwale kgosi ya bitsa Siba, mohlanka wa Saule, ya re ho yena: “Tsohle tseo e neng e le tsa Saule le tsa lelapa lohle la hae, ke di neile mora wa monga hao.
10. Ka baka leo, wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, le tla mo lemela, le be le mo kotulele, e le hore mora wa monga hao a tle a be le dijo. Empa Mefiboshete, mora wa monga hao, o tla ja le nna kamehla.” Siba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba mashome a mabedi.