1. Davida a botsa, a re: “Na ho sa na le e mong ya setseng wa ntlo ya Saule, eo nka mo etsetsang molemo ka baka la Jonathane?”
2. Ho ne ho ena le mohlanka wa lelapa la Saule, ya neng a bitswa Siba. Ha a se a bitseditswe ho Davida, kgosi ya re ho yena: “Na ke wena Siba?”Yena a re: “Ke nna mohlanka wa hao, Siba.”
3. Kgosi ya re: “Na ho sa na le e mong wa lelapa la Saule, eo nka mmontshang lerato la Modimo?”Siba a re ho kgosi: “Jonathane o ntse a ena le mora, feela o holofetse maoto.”
4. Kgosi ya re ho yena: “O kae?”Siba a re ho kgosi: “O Lo-Dabare, lapeng la Makiri, mora wa Amiele.”
5. Yaba kgosi Davida o roma maqosa Lo-Dabare ho ya lata Mefiboshete, lapeng la Makiri, mora wa Amiele.
6. Ha Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule, a fihla ho Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho.Davida a re: “Mefiboshete!”Yena a araba, a re: “Ke nna enwa, mohlanka wa hao!”