2 Samuele 8:6-16 BIBELE (SSO89SO)

6. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida ba mo thellang. Morena a thusa Davida hohle moo a neng a futuhela teng.

7. Davida a nka dithebe tsa bahlabani ba Hadade-Esere tse neng di entswe ka kgauta, a di isa Jerusalema.

8. Metseng ya Beta le Berotai, eo e neng e le ya Hadade-Esere, kgosi Davida a nka lethose le lengata.

9. Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa hore kgosi Davida o hlotse lebotho lohle la Hadade-Esere,

10. a romela mora wa hae Jorame ho Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlotse, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Jorame a isetsa Davida dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka lethose.

11. Le tsona kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera le kgauta eo a e hapileng ho ditjhaba tsohle tseo a ileng a di hlola,

12. e leng Baarame, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke, le kgapo eo a e nkileng ho Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba.

13. Lebitso la Davida la tuma haholo hoba a hlole Baarame ka Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaya banna ba dikete tse leshome le metso e robedi.

14. A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.

15. Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.

16. Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.

2 Samuele 8