13. Lebitso la Davida la tuma haholo hoba a hlole Baarame ka Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaya banna ba dikete tse leshome le metso e robedi.
14. A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.
15. Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.
16. Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.
17. Sadoke, mora wa Ahitube, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, bona ya eba baprista; Serahiya yena ya eba mongodi wa puso.
18. Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi.