2 Samuele 8:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora tsena, Davida a hlola Bafilesita, a ba busa.

2. A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.

3. Davida a hlola Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba, ha Hadade-Esere a ne a ilo tsosa puso ya hae pela noka ya Euferatese.

4. Davida a hapa banna ba Hadade-Esere ba dipere ba sekete le makgolo a supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.

5. Ha Baarame ba Damaseka ba eya ho ya thusetsa Hadade-Esere, kgosi ya Soba, Davida a bolaya banna ba Baarame ba dikete tse mashome a mabedi.

6. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida ba mo thellang. Morena a thusa Davida hohle moo a neng a futuhela teng.

7. Davida a nka dithebe tsa bahlabani ba Hadade-Esere tse neng di entswe ka kgauta, a di isa Jerusalema.

2 Samuele 8