3. Nathane a re ho kgosi: “Tsamaya o yo etsa tsohle tseo o di hopotseng, hobane Morena o na le wena.”
4. Hona bosiung boo lentswe la Morena la fihla ho Nathane, la re:
5. “Tsamaya o yo bolella mohlanka wa ka Davida, o re: <Morena o bua tjena: Na ke wena ya tla nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona?
6. Ho tloha mohla ke nyollang bana ba Iseraele Egepeta, ho fihlela kajeno, ha ke eso ka ke dula ka tlung; ke tsamaile ke le ka tenteng, le ka leahong.
7. Dibakeng tsohle tseo ke tsamaileng ho tsona le bana ba Iseraele, na nkile ka botsa e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke neng ke ba laele ho disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, ka re: Ke hobaneng ha o sa nkgahela ntlo ya dithupa tsa dikedare?> ”
8. “Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: <Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele.