2 Samuele 7:21-25 BIBELE (SSO89SO)

21. “Ka baka la tshepiso ya hao, le ka baka la ho rata ha hao, o entse tsena tse kgolo, hore mohlanka wa hao a di tsebe.

22. “Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.

23. Ke setjhaba sefe se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, e leng sona feela moo lefatsheng, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae, mme se tumise lebitso la hae? Ke sefe setjhaba seo wena o kileng wa se etsetsa tse kgolo, tse tshabehang naheng ya hao, ka ho hleka matjhaba le medimo ya wona tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta?

24. Setjhaba sa Iseraele o se entse setjhaba sa hao sa kamehla yohle, mme wena Morena, o Modimo wa sona.

25. “Jwale he, wena Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahetse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng.

2 Samuele 7