2 Samuele 6:15-23 BIBELE (SSO89SO)

15. Yaba Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele, ba nyolla areka ya Morena ka mehoo le ka ho letsa lenaka.

16. Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.

17. Ba tlisa areka ya Morena, ba e bea ditulong tsa yona, bohareng ba tente eo Davida a neng a e hlometse yona. Davida a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho.

18. Hoba Davida a qete ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, yaba o hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena wa mabotho.

19. Jwale a abela e mong le e mong wa setjhaba sohle, le letshwele lohle la Baiseraele, banna le basadi, leqebekwane la bohobe, le leqa la nama e besitsweng, le leqebekwane la mangangajane a morara. Yaba setjhaba sohle se a qhalana, e mong le e mong o ya ha hae.

20. Ha Davida a kgutlela lapeng ho ya hlohonolofatsa lelapa la hae, Mikale, moradi wa Saule, a tswa ho kgahlanyetsa Davida, mme a re: “Kajeno kgosi ya Iseraele ya tla ya itlhompha bo! E ile ya ipeketla kapele ho makgabunyane a bahlanka ba yona, jwaloka e mong wa bafo ha a ipeketla a se na dihlong!”

21. Yaba Davida o re ho Mikale: “Ke ne ke hobella Morena ya nkgethileng ho ena le ntatao le ba ntlo ya hae yohle, hore ke be kgosi ya setjhaba sa Morena sa Baiseraele; ke ka baka leo ke neng ke hobela kapele ho Morena.

22. Ke hona ke sa tla itlotlolla le ho feta mona, ke be ke bone hore ke itheoletse fatshe, empa makgabunyane ao, ao o buang ka wona, wona a tla ntlhompha.”

23. Mikale, moradi wa Saule, ha a ka a ba le ngwana ho fihlela a eshwa.

2 Samuele 6