2 Samuele 6:11-19 BIBELE (SSO89SO)

11. Areka eo ya Morena ya qeta kgwedi tse tharo e le ha Obede-Edomo wa Mogate. Morena a hlohonolofatsa Obede-Edomo le bohle ba ntlo ya hae.

12. Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo.

13. Yare ha ba jereng areka ya Morena, ba tsamaile mehato e tsheletseng feela, Davida a nyehella Morena ka sehlabelo sa pholo le namane e nontshitsweng.

14. Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.

15. Yaba Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele, ba nyolla areka ya Morena ka mehoo le ka ho letsa lenaka.

16. Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.

17. Ba tlisa areka ya Morena, ba e bea ditulong tsa yona, bohareng ba tente eo Davida a neng a e hlometse yona. Davida a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho.

18. Hoba Davida a qete ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, yaba o hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena wa mabotho.

19. Jwale a abela e mong le e mong wa setjhaba sohle, le letshwele lohle la Baiseraele, banna le basadi, leqebekwane la bohobe, le leqa la nama e besitsweng, le leqebekwane la mangangajane a morara. Yaba setjhaba sohle se a qhalana, e mong le e mong o ya ha hae.

2 Samuele 6