1. Davida a boela a kgobokanya mokgetho wohle wa banna ba Iseraele, ba dikete tse mashome a mararo;
2. a ema, a tsamaya le setjhaba sohle se neng se ena le yena. O ne a eya Baala e Juda, ho ya lata areka ya Modimo hona teng, e nang le lebitso, e leng lebitso la Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime.
3. Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe e neng e le leralleng. Bo-Usa le Ako, bara ba Abinadabe, ba qhoba kariki eo e ntjha.