1. Merabe yohle ya Baiseraele ya ya ho Davida a le Heborone, ya bua, ya re: “Bona, re bana beno.
2. Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: <O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.> ”
3. Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele.
4. Davida ha a qala ho busa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo, mme a busa ka dilemo tse mashome a mane.
5. A busa morabe wa Juda ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng a ntse a le Heborone, mme a busa Iseraele yohle le Juda yohle ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.
6. Kgosi le banna ba yona ba ya Jerusalema, ba futuhela Bajebuse bao e neng e le baahi ba naha eo. Bajebuse ba re ho Davida: “O ke ke wa kena mona; difofu le diritsa di tla o thiba.” Ka ho rialo ba ne ba re: “Davida a ke ke a kena mona.”
7. Leha ho le jwalo, Davida a hapa qhobosheane ya Sione, e leng yona motse wa Davida.
8. Ka lona letsatsi leo Davida a re: “Mang kapa mang ya ratang ho bolaya Mojebuse, eka kgona a nyolohe ka mosele wa metsi, a bolaye dihlotsa tseno le difofu tseno, e leng tsona dira tse kgolo tsa Davida.” Ke ka hona ba reng: “Difofu le dihlotsa di ke ke tsa kena motseng.”
9. Davida a aha qhobosheaneng eo, mme a e bitsa motse wa Davida. Yaba Davida o haha motse o potapotileng qhobosheane eo, ho tloha Milo ho ya qhobosheaneng.
10. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, mme Morena Modimo wa mabotho, a ba le yena.
11. Hirame, kgosi ya Tire, a roma maqosa ho Davida. A romela difate tsa dikedare, le dibetli, le dihahi, mme tsa hahela Davida ntlo.
12. Jwale Davida a bona hore efela Morena o mo hlomamisitse hore e be kgosi ya Iseraele, le hore o hodisitse mmuso wa hae ka baka la setjhaba sa hae sa Baiseraele.
13. Hoba Davida a tlohe Heborone, a fihle Jerusalema, a boela a nka basadi ba mafielo, a nyala le basadi, mme a boela a tswallwa bara le baradi.
14. Ana ke mabitso a bao a ileng a ba tswallwa ha a le Jerusalema: Shamua, le Shobabe, le Nathane, le Solomone,
15. le Jibehare, le Eleshua, le Nefege, le Jafia,
16. le Eleshama, le Eleada, le Elefelede.
17. Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya Iseraele, ba futuha bohle, ba ya tsoma Davida. Ha Davida a utlwa hona, a theohela qhobosheaneng.
18. Bafilesita ba fihla, ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime.
19. Davida a botsa Morena, a re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?”Morena a re ho Davida: “Futuha, hobane ke tla fela ke neelane ka Bafilesita matsohong a hao.”
20. Yaba Davida o ya Baale-Perasime, o bolaela Bafilesita hona teng, mme a re: “Morena o ripitlile dira tsa ka jwalokaha eka di hoholwa ke metsi.” Ka lebaka leo a rea sebaka seo Baale-Perasime.
21. Ha Bafilesita ba baleha ba siya medimo ya bona hona moo, Davida le banna ba hae ba e nka.
22. Bafilesita ba boela ba nyoloha, ba fihla ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime.
23. Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a re: “O se ke wa ba futuhela o ba tobile; o ba pote kamorao, o ba futuhele o se o hlaha pela difate tsa monokotshwai.
24. Etlare ha o utlwa leswahlaswahla hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Morena o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.”
25. Davida a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a bolaya Bafilesita ho tloha Geba ho ya fihla Gesere.