2 Samuele 4:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a utlwa hore Abinere o shweletse Heborone, a kgathala matla, mme Baiseraele bohle ba tshoha.

2. Ishe-Boshete, mora wa Saule, o ne a ena le banna ba babedi, bao e neng e le balaodi ba mabothwana a hlaselang. Lebitso la e mong e ne e le Baana, e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone wa Berote e naheng ya bana ba Benjamine, hobane Beerote le yona e ne e wela naheng ya ba morabe wa Benjamine.

3. Baahi ba Beerote ba balehela Gitaime, mme ba ntse ba jakile teng le kajeno-ya-bokajeno.

4. Jonathane, mora wa Saule, o ne a ena le mora ya neng a holofetse maoto. Ha pehi ya Saule le Jonathane e fihla, e etswa Jesereele, o ne a le dilemo di hlano. Mohodisi wa hae a mo nka, a baleha. Ka baka la ho baleha ka potlako ha mohodisi, moshanyana a wa, yaba o robeha maoto. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshete.

5. Jwale bara ba Rimone wa Mobeerote, bo-Rekabe le Baana, ba ya ha Ishe-Boshete, mme ha letsatsi le le hloohong tsa mengala ba fihla tlung ya hae, a sa ntse a le phomolong ya hara mpa ya motsheare.

6. Bo-Rekabe le ngwanabo Baana ba kena ka tlung jwalokaha eka ba ilo reka koro, yaba ba mo hlaba tshweleseng mme ba baleha.

7. E ne e ile ya re hoba ba kene ka tlung ba mo hlaba, ba mmolaya a ntse a paqame diphateng tsa hae. Ba mo kgaola hlooho, ba e nka, ba tsamaya bosiu bohle ka tsela ya Araba.

8. Yaba ba isa hlooho ya Ishe-Boshete ho Davida a le Heborone, mme ba re ho kgosi: “Bona hlooho ya Ishe-Boshete, mora wa sera sa hao Saule, ya neng a rata ho o bolaya. Kajeno Morena o pheteditse monga ka kgosi ho Saule le ho bana ba hae.”

2 Samuele 4