2 Samuele 3:4-19 BIBELE (SSO89SO)

4. Mora wa bone ya eba Adoniya, mora wa Hagite. Wa bohlano ya eba Shefatiya, mora wa Abitale.

5. Wa botshelela ya eba Jitereame, wa mosadi wa Davida ya bitswang Egela. Bana ke ba ileng ba tswallwa Davida ha a le Heborone.

6. Ha ntwa e ntse e lwana pakeng tsa ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Abinere a iponahatsa e le yena ya matla ho ba ntlo ya Saule.

7. Saule o ne a ena le mosadi wa lefielo eo lebitso la hae e neng e le Risepa, moradi wa Aya. Yaba Ishe-Boshete o re ho Abinere: “Ke ka baka lang ha o robala le mosadi wa lefielo wa ntate?”

8. Jwale Abinere a halefiswa haholo ke mantswe ao a Ishe-Boshete, mme a re: “Na nna ke ntja e lefuwang ka lesapo naheng ee ya Juda? Ke ile ka tshepahala ho ba lelapa la ntatao Saule, le ho bana babo, le ho metswalle ya hae; ebile ha ke a neelana ka wena matsohong a Davida; feela o nqosa ka phoso ya ho bokana le mosadi eo!

9. Modimo a ke a otle Abinere tjena, le ho feta, haeba nke ke ka etsetsa Davida seo Modimo a mo hlapanyeditseng sona,

10. e leng ho amoha ntlo ya Saule mmuso, le ho bea Iseraele le Juda tlasa terone ya Davida, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba.”

11. Yaba Ishe-Boshete o se a le nyaya le koloba, ka baka la ho tshaba Abinere.

12. Abinere a roma maqosa ho Davida, a re: “Naha ee ke ya mang?” A boela a re: “Bona mona, a re etse selekane le wena, mme ke tla o thusa hore Baiseraele bohle ba o sale morao.”

13. Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le wena, empa ke batla ntho e le nngwe feela ho wena, e leng hore o se ke wa mpona, haese haeba o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, pele o etla ho tla kopana le nna.”

14. Yaba Davida o roma maqosa ho Ishe-Boshete, mora wa Saule, o re: “Nnee mosadi wa ka Mikale, eo ke neng ke mo nyale ka maeko a lekgolo a Bafilesita.”

15. Ishe-Boshete a roma maqosa, a amoha Paletiele, mora wa Laishe, mosadi wa hae Mikale.

16. Paletiele a tsamaya a ntse a lla, a setse mosadi wa hae morao, a ba a ya fihla Bahurime. Abinere a re ho yena: “Kgutlela hae!” Yaba Paletiele o a kgutla.

17. Jwale Abinere a buisana le baholo ba Iseraele, a re: “Ke kgale le batla ho bea Davida hore e be kgosi ya lona.

18. Etsang jwalo he, hobane Morena o buile ho Davida, a re: <Ka letsoho la mohlanka wa ka Davida ke tla namolela setjhaba sa ka sa Baiseraele matsohong a Bafilesita le matsohong a dira tsohle tsa sona.> ”

19. Abinere a ba a bua le ba morabe wa Benjamine, a nto ya Heborone ho Davida, mme a mmolella tsohle tseo a dumellaneng ka tsona le Baiseraele le ba ntlo ya Benjamine.

2 Samuele 3