32. Yaba ba epela Abinere motseng wa Heborone. Kgosi ya phahamisa lentswe la yona, ya llela lebitleng la Abinere. Setjhaba sohle sa lla.
33. Kgosi ya llela Abinere, ya re:“Abinere, o shweletsengjwaloka tseketseke?
34. O ne o sa tlangwa matsoho,maoto a haoa se mahlaahleleng a lethose;o shwelejwaloka ya bolawang ke balotsana.”Setjhaba sohle sa boela sa mo lella.
35. Jwale setjhaba sohle sa tla ho Davida, sa re a je e sa ntsane e le motsheare, empa Davida a hlapanya, a re: “Modimo a nkotle tjena, le ho feta, haeba ekare letsatsi le eso dikele ka ja bohobe kapa ho hong feela.”
36. Setjhaba sohle sa hlokomela ntho ena, mme sa e thabela. Eng kapa eng eo kgosi e neng e e etsa, setjhaba sohle se ne se bona e lokile.
37. Jwale setjhaba sohle, le Baiseraele bohle ba tseba mohla letsatsi leo hore hase kgosi e bolaileng Abinere, mora wa Nere.
38. Yaba kgosi e re ho bahlanka ba yona: “Na ha le tsebe hore kajeno, naheng ee ya Iseraele, ho shwele kgosana le mohlabani e moholo?
39. Leha ke tlotsitswe hore ke be kgosi, kajeno ke a fokola. Banna bana, e leng bara ba Seruya, ba ntlhotse ka ho hloka mohau. Morena a ke a putse ya entseng bokgopo bona ho ya ka bokgopo boo ba hae.”