2 Samuele 3:17-28 BIBELE (SSO89SO)

17. Jwale Abinere a buisana le baholo ba Iseraele, a re: “Ke kgale le batla ho bea Davida hore e be kgosi ya lona.

18. Etsang jwalo he, hobane Morena o buile ho Davida, a re: <Ka letsoho la mohlanka wa ka Davida ke tla namolela setjhaba sa ka sa Baiseraele matsohong a Bafilesita le matsohong a dira tsohle tsa sona.> ”

19. Abinere a ba a bua le ba morabe wa Benjamine, a nto ya Heborone ho Davida, mme a mmolella tsohle tseo a dumellaneng ka tsona le Baiseraele le ba ntlo ya Benjamine.

20. Yaba Abinere o ya Heborone ho Davida, a ena le banna ba mashome a mabedi. Davida a etsetsa Abinere, le banna bao a neng a ena le bona, mokete.

21. Abinere a re ho Davida: “Jwale ke tla tsamaya, ke yo bokellela monga ka, kgosi, Baiseraele bohle, hore ba tlo etsa selekane le wena, mme o tle o buse hohle moo o ratang ho busa teng.” Davida a dumella Abinere hore a tsamaye, mme eo a ikela ka kgotso.

22. Jwale bo-Joabe le bahlanka ba Davida ba fihla, ba etswa moo ba neng ba hlasetse teng, mme ba tla ka kgapo e ngata haholo. Empa Abinere o ne a se a le siyo Heborone, ho Davida, hobane Davida o ne a se a mo lokolotse, mme a iketse ka kgotso.

23. Ha bo-Joabe le lebotho lohle leo a neng a ena le lona ba fihla, Joabe a bolellwa, ha thwe: “Abinere, mora wa Nere, o ile a fihla mona ho kgosi, mme kgosi e mo lokolotse, o iketse ka kgotso.”

24. Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o re: “Ke eng ee, eo o e entseng? Bona mona, Abinere o ne a tlile ho wena; ke ka baka lang ha o ile wa mo lokolla, mme jwale a etse ruri?

25. Na ha o tsebe hore Abinere, mora wa Nere, o ne a tlile ho tla o thetsa, le ho o bona mafolomabe, le ho tseba tsohle tseo o di etsang?”

26. Ha Joabe a etswa ka ho Davida a roma maqosa ho sala Abinere morao, mme maqosa ao a mo kgutlisa ha a le sedibeng sa Sira, empa Davida o ne a sa tsebe.

27. Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.

28. Hamorao, ha Davida a utlwa ketso ena, a re: “Mahlong a Morena, nna le mmuso wa ka ha re na molato le o monyenyane mading ana a Abinere, mora wa Nere.

2 Samuele 3