2 Samuele 3:15-32 BIBELE (SSO89SO)

15. Ishe-Boshete a roma maqosa, a amoha Paletiele, mora wa Laishe, mosadi wa hae Mikale.

16. Paletiele a tsamaya a ntse a lla, a setse mosadi wa hae morao, a ba a ya fihla Bahurime. Abinere a re ho yena: “Kgutlela hae!” Yaba Paletiele o a kgutla.

17. Jwale Abinere a buisana le baholo ba Iseraele, a re: “Ke kgale le batla ho bea Davida hore e be kgosi ya lona.

18. Etsang jwalo he, hobane Morena o buile ho Davida, a re: <Ka letsoho la mohlanka wa ka Davida ke tla namolela setjhaba sa ka sa Baiseraele matsohong a Bafilesita le matsohong a dira tsohle tsa sona.> ”

19. Abinere a ba a bua le ba morabe wa Benjamine, a nto ya Heborone ho Davida, mme a mmolella tsohle tseo a dumellaneng ka tsona le Baiseraele le ba ntlo ya Benjamine.

20. Yaba Abinere o ya Heborone ho Davida, a ena le banna ba mashome a mabedi. Davida a etsetsa Abinere, le banna bao a neng a ena le bona, mokete.

21. Abinere a re ho Davida: “Jwale ke tla tsamaya, ke yo bokellela monga ka, kgosi, Baiseraele bohle, hore ba tlo etsa selekane le wena, mme o tle o buse hohle moo o ratang ho busa teng.” Davida a dumella Abinere hore a tsamaye, mme eo a ikela ka kgotso.

22. Jwale bo-Joabe le bahlanka ba Davida ba fihla, ba etswa moo ba neng ba hlasetse teng, mme ba tla ka kgapo e ngata haholo. Empa Abinere o ne a se a le siyo Heborone, ho Davida, hobane Davida o ne a se a mo lokolotse, mme a iketse ka kgotso.

23. Ha bo-Joabe le lebotho lohle leo a neng a ena le lona ba fihla, Joabe a bolellwa, ha thwe: “Abinere, mora wa Nere, o ile a fihla mona ho kgosi, mme kgosi e mo lokolotse, o iketse ka kgotso.”

24. Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o re: “Ke eng ee, eo o e entseng? Bona mona, Abinere o ne a tlile ho wena; ke ka baka lang ha o ile wa mo lokolla, mme jwale a etse ruri?

25. Na ha o tsebe hore Abinere, mora wa Nere, o ne a tlile ho tla o thetsa, le ho o bona mafolomabe, le ho tseba tsohle tseo o di etsang?”

26. Ha Joabe a etswa ka ho Davida a roma maqosa ho sala Abinere morao, mme maqosa ao a mo kgutlisa ha a le sedibeng sa Sira, empa Davida o ne a sa tsebe.

27. Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.

28. Hamorao, ha Davida a utlwa ketso ena, a re: “Mahlong a Morena, nna le mmuso wa ka ha re na molato le o monyenyane mading ana a Abinere, mora wa Nere.

29. Madi ao a botswe Joabe le bohle ba ntlo ya ntatae. Tlung ya Joabe ho nne ho be le ya nang le seso se qhitsang, kapa ya nang le lepera, kapa ya holofetseng hoo a tsamayang ka melamu, kapa ya bolawang ka sabole, kapa eo e leng mokopakopa.”

30. Ka mokgwa o jwalo Joabe le ngwanabo Abishai ba bolaya Abinere, hobane o ne a ile a bolaya ngwanabo bona Asaele, ha ba le ntweng Gibeone.

31. Jwale Davida a re ho Joabe le ho batho bohle ba neng ba ena le yena: “Haholang diaparo tsa lona, le apare mekotla, le tsamaye kapele ho setopo sa Abinere le ntse le mo llela.” Kgosi Davida yena a sala setopo morao.

32. Yaba ba epela Abinere motseng wa Heborone. Kgosi ya phahamisa lentswe la yona, ya llela lebitleng la Abinere. Setjhaba sohle sa lla.

2 Samuele 3