13. Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le wena, empa ke batla ntho e le nngwe feela ho wena, e leng hore o se ke wa mpona, haese haeba o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, pele o etla ho tla kopana le nna.”
14. Yaba Davida o roma maqosa ho Ishe-Boshete, mora wa Saule, o re: “Nnee mosadi wa ka Mikale, eo ke neng ke mo nyale ka maeko a lekgolo a Bafilesita.”
15. Ishe-Boshete a roma maqosa, a amoha Paletiele, mora wa Laishe, mosadi wa hae Mikale.
16. Paletiele a tsamaya a ntse a lla, a setse mosadi wa hae morao, a ba a ya fihla Bahurime. Abinere a re ho yena: “Kgutlela hae!” Yaba Paletiele o a kgutla.
17. Jwale Abinere a buisana le baholo ba Iseraele, a re: “Ke kgale le batla ho bea Davida hore e be kgosi ya lona.
18. Etsang jwalo he, hobane Morena o buile ho Davida, a re: <Ka letsoho la mohlanka wa ka Davida ke tla namolela setjhaba sa ka sa Baiseraele matsohong a Bafilesita le matsohong a dira tsohle tsa sona.> ”
19. Abinere a ba a bua le ba morabe wa Benjamine, a nto ya Heborone ho Davida, mme a mmolella tsohle tseo a dumellaneng ka tsona le Baiseraele le ba ntlo ya Benjamine.