1. Ntwa ya eba telele pakeng tsa ntlo ya Davida le ntlo ya Saule. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, empa ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola hoyahoile.
2. Davida a ba le bara ha a le Heborone. Mora wa hae wa matsibolo, ya tswetsweng ke Ahinoame wa Mojesereele, ya eba Amanone.
3. Wa bobedi ya eba Kilabe, ya tswetsweng ke Abikaele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele. Wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Geshure.
4. Mora wa bone ya eba Adoniya, mora wa Hagite. Wa bohlano ya eba Shefatiya, mora wa Abitale.
5. Wa botshelela ya eba Jitereame, wa mosadi wa Davida ya bitswang Egela. Bana ke ba ileng ba tswallwa Davida ha a le Heborone.