2. Kgosi Davida a bua le Joabe, le balaodi ba lebotho ba neng ba ena le yena, a re: “Tsamayang hara merabe yohle ya Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le bale setjhaba, ke tle ke tsebe hore na palo ya sona e kae.”
3. Joabe a re ho kgosi: “Eka Morena Modimo wa hao, a ka atisa setjhaba sa Iseraele halekgolo, leha se se se ntse se le sengata tjena, mme wena wa phela hore o be o se bone. Feela ke ka baka lang ha monga ka, kgosi ya ka, a thabiswa ke ntho ee?”
4. Empa kgosi ya se ke ya mamela bo-Joabe le balaodi ba mabotho. Yaba he ba a tsamaya, ba tloha ho kgosi, ba ya bala setjhaba sa Baiseraele.
5. Ba tshela Jorodane, ba fihla ba hloma ka borwa ho Arowere, e leng motse o kahara kgohlo e lebaneng le Gade, ho ya fihla Jasere.
6. Ba fetela Gileade le Kadeshe, naheng ya Bahete, ba nto fetela Dane, ba potoloha ho ya fihla Sidone.
7. Ba fihla qhobosheaneng ya Tire, le metseng yohle ya Bahife le ya Bakanana. Ba fetela Beeresheba, naheng e ka borwa ya Juda.
8. Ba tsamaya le naha yohle, mme kamora dikgwedi tse robong le matsatsi a mashome a mabedi ba kgutlela Jerusalema.
9. Joabe a nea kgosi palo ya setjhaba se badilweng. Setjhabeng sa Baiseraele ho ne ho ena le banna ba bahlabani ba dikete tse makgolo a robedi, ba neng ba tshwara sabole; athe ho sa Juda teng ho ne ho ena le bahlabani ba dikete tse makgolo a mahlano.
10. Hoba Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo ja, yaba o re ho Morena: “Ke o sitetswe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale ke a o rapela, Morena: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”