15. Jwale Morena a romela sewa naheng ya Iseraele, sa qala ha bosiu bo esa, mme sa kgaotsa ka letsatsi le beilweng. Ho tloha Dane, ho ya fihla Beeresheba, sewa seo sa bolaya Baiseraele ba dikete tse mashome a supileng.
16. Eitse ha lengeloi le otlollela letsoho hodima Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ha a nahana koduwa eo, mme a re ho lengeloi le neng le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi leo la Morena le ne le le seotlong sa Arauna wa Mojebuse.
17. Eitse ha Davida a bona lengeloi la Morena le timetsang setjhaba, a re ho Morena: “Ke nna ya sitilweng, ke nna ya entseng bobe; jwale dinku tsee tsona di entseng? Ke a rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso.”
18. Ka lona letsatsi leo Gade a fihla ho Davida, a re ho yena: “Nyolohela seotlong sa Arauna wa Mojebuse, o hahele Morena aletare hona teng.”
19. Davida a ema, a tsamaya jwalokaha Morena a ne a mo laetse ka Gade.
20. Ha Arauna a betsetsa mahlo tlase, a bona kgosi le bahlanka ba yona ba etla ho yena. Arauna a atamela, mme a itihela fatshe ka sefahleho ho isa hlompho.