2 Samuele 24:13-25 BIBELE (SSO89SO)

13. Gade a fihla ho Davida; hoba a mmolelle a mmotsa, a re: “O ikgethela eng dinthong tsee tse tharo: Sekoboto ka dilemo tse supileng naheng ya hao; ho baleha o phaladiswa ke dira tsa hao ka kgwedi tse tharo; kapa sewa ka matsatsi a mararo naheng ee ya hao? Inahane, mme o mpolelle karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”

14. Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, re ka mpa ra wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo.”

15. Jwale Morena a romela sewa naheng ya Iseraele, sa qala ha bosiu bo esa, mme sa kgaotsa ka letsatsi le beilweng. Ho tloha Dane, ho ya fihla Beeresheba, sewa seo sa bolaya Baiseraele ba dikete tse mashome a supileng.

16. Eitse ha lengeloi le otlollela letsoho hodima Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ha a nahana koduwa eo, mme a re ho lengeloi le neng le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi leo la Morena le ne le le seotlong sa Arauna wa Mojebuse.

17. Eitse ha Davida a bona lengeloi la Morena le timetsang setjhaba, a re ho Morena: “Ke nna ya sitilweng, ke nna ya entseng bobe; jwale dinku tsee tsona di entseng? Ke a rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso.”

18. Ka lona letsatsi leo Gade a fihla ho Davida, a re ho yena: “Nyolohela seotlong sa Arauna wa Mojebuse, o hahele Morena aletare hona teng.”

19. Davida a ema, a tsamaya jwalokaha Morena a ne a mo laetse ka Gade.

20. Ha Arauna a betsetsa mahlo tlase, a bona kgosi le bahlanka ba yona ba etla ho yena. Arauna a atamela, mme a itihela fatshe ka sefahleho ho isa hlompho.

21. Arauna a re: “Ke ka lebaka lang ha monga ka, kgosi ya ka, a etetse mohlanka wa hae?”Davida a re: “Ke tlilo reka seotlo sena ho wena, e le hore ke tle ke hahele Morena aletare ho sona, sewa se tle se kgaotse setjhabeng.”

22. Yaba Arauna o re ho Davida: “Monga ka, kgosi ya ka, a ka se nka, mme a nyehela ka seo a bonang se lokela. Dipholo tsa sehlabelo sa setjheso ke tsena; dilei tsena le dijoko tsena e tla ba patsi.

23. Monga ka, kgosi ya ka, mohlanka wa hao o o nea tsena tsohle.” Arauna a boela a re ho kgosi: “Morena Modimo wa hao, a ke a amohele nyehelo ya hao.”

24. Empa kgosi ya re ho Arauna: “Tjhe, ke tla reka dintho tsena ho wena ka theko ya tsona. Nke ke ka etsetsa Morena Modimo wa ka, nyehelo ya setjheso ka dintho tseo ke sa di rekang.”Davida a reka seotlo seo le dipholo tseo ka ditjhelete tsa silefera tse etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng.

25. Davida a hahela Morena aletare hona moo, a nyehela ka dinyehelo tsa setjheso le tsa teboho. Yaba Morena o hauhela setjhaba, mme sewa sa kgaotsa naheng ya Iseraele.

2 Samuele 24