10. Hoba Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo ja, yaba o re ho Morena: “Ke o sitetswe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale ke a o rapela, Morena: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”
11. Ka la hosasane ha Davida a tsoha, Morena a bua ho moporofeta Gade, senohe sa Davida, a re:
12. “Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: <Morena o re: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona.> ”
13. Gade a fihla ho Davida; hoba a mmolelle a mmotsa, a re: “O ikgethela eng dinthong tsee tse tharo: Sekoboto ka dilemo tse supileng naheng ya hao; ho baleha o phaladiswa ke dira tsa hao ka kgwedi tse tharo; kapa sewa ka matsatsi a mararo naheng ee ya hao? Inahane, mme o mpolelle karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”
14. Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, re ka mpa ra wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo.”