13. Balaodi ba bararo, ba baokamedi ba ba mashome a mararo, ba theohela ho Davida ka nako ya kotulo, a le lehaheng la Adulame. Lebotho la Bafilesita le ne le hlomme ka kgohlong ya Refaime.
14. Davida o ne a le ka qhobosheaneng ha lebotho la Bafilesita lona le le Betlelehema.
15. Davida a utlwa a nyorilwe, a re: “Eka motho a ka mpha metsi a tswang sedibeng sa Betlelehema, se pela kgoro ya motse!”
16. Bahale ba bararo ba phunyeletsa mabotho a Bafilesita, ba ya kga metsi sedibeng sa Betlelehema se pela kgoro ya motse. Ba ekga metsi ao, ba a isa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe e le nyehelo ho Morena,
17. a re: “Morena nthuse ke se ke ka a nwa! Ho a nwa e tla be e le ho nwa madi a banna ba ileng ba ipea kotsing.” Ka baka leo, a se ke a a nwa.Tsena di ile tsa etswa ke bahale bana ba bararo.
18. Abishai, ngwanabo Joabe, mora wa Seruya, e ne e le yena mookamedi wa ba bararo bana. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo.