1. Tsena ke dipolelo tsa ho qetela tsa Davida:“Dipolelo tsa Davida, mora wa Jese,dipolelo tsa monna a phahamisitswe,motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo,kgeleke ya tjhaba sa Iseraele:
2. “Moya wa Morenao buile ka ho nna,lentswe la haela ba lelemeng la ka.
3. Modimo wa Iseraele a bua,Lefika la Iseraele la mpuisa:<Ya busang batho ka toka,ya busang ka ho tshaba Modimo,
4. o jwaloka lesediha tsatsi le tjhaba,hodimo le sele,le le nyooko ya tlhapi,tala e phatsima marothodi a pula.>
5. “Modimo o tiisitse lelapa la ka,selekane sa rona le yenake sa mehla yohle,dipallo tsa sona di hlakile,di a tshepeha,ke yena ya mpholosang,o atlehisa takatso tsa ka.
6. Ba kgopo ba jwaloka meutlwa,meutlwa e lahlwang,e ke keng ya tshwarwaka letsoho la motho;
7. ya e amang a tshware selepele theko ya lerumo,a e lahlele thotobolong,e tjheswe lore!”
8. Ana ke mabitso a bahale ba Davida: Ishe-Boshete wa Motakemone, e ne e le yena mookamedi wa balaodi. Ke yena ya neng a fekefe banna ba makgolo a robedi ka lerumo, a ba bolaya ka nako e le nngwe.
9. O ne a hlahlangwa ke Eleasare, mora wa Dodo, wa morabe wa Ahohi, e mong wa bahale ba bararo ba Davida. O ne a ena le Davida mohla Bafilesita ba neng ba futuhile, mme Baiseraele ba ba baleha.
10. A lwana senna, a bolaya Bafilesita ho fihlela letsoho le kgathala, le shwella bohatsu saboleng. Morena a ba tlisetsa tlholo e kgolo mohlang oo, mme hamorao bahale ba kgutla le mehlala ho tla hlobodisa ditopo.
11. Eleasare o ne a hlahlangwa ke Shamma, mora wa Ako wa Harare. Lebotho la Bafilesita la phuthehela Lehi, moo ho neng ho ena le tshimo ya dierekisi, mme bahlabani ba baleha Bafilesita.
12. Shamma a ikema hara tshimo, a lwana ya kgumamela, a bolaya Bafilesita, mme Morena a mo tlisetsa tlholo e kgolo.
13. Balaodi ba bararo, ba baokamedi ba ba mashome a mararo, ba theohela ho Davida ka nako ya kotulo, a le lehaheng la Adulame. Lebotho la Bafilesita le ne le hlomme ka kgohlong ya Refaime.
14. Davida o ne a le ka qhobosheaneng ha lebotho la Bafilesita lona le le Betlelehema.
15. Davida a utlwa a nyorilwe, a re: “Eka motho a ka mpha metsi a tswang sedibeng sa Betlelehema, se pela kgoro ya motse!”
16. Bahale ba bararo ba phunyeletsa mabotho a Bafilesita, ba ya kga metsi sedibeng sa Betlelehema se pela kgoro ya motse. Ba ekga metsi ao, ba a isa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe e le nyehelo ho Morena,
17. a re: “Morena nthuse ke se ke ka a nwa! Ho a nwa e tla be e le ho nwa madi a banna ba ileng ba ipea kotsing.” Ka baka leo, a se ke a a nwa.Tsena di ile tsa etswa ke bahale bana ba bararo.