2 Samuele 22:6-15 BIBELE (SSO89SO)

6. Maraba a lefua ne a mpotapotile,difi tsa lefudi ne di ntjhehile.

7. Makaqabetsing a kaka ipiletsa ho Morena,e, ka ipiletsa ho Morena wa ka,a utlwa lentswe la kaa le ka Tempeleng ya hae,sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.

8. “Lefatshe la reketla, la thothomela,metheo ya lehodimo ya tsukutleha,ya reketla hobane a halefile.

9. Mosi wa foqoha ka nkong tsa hae,mollo o timetsangwa betseha ka hanong la hae,mashala a hlennenga tswa ho yena.

10. A phetla mahodimo,a theohela fatshe,leru le letsho le le maotong a hae.

11. A fofa a palame kerubime,a hoballa a le mapheong a moya.

12. Lefifi a le etsa lesira la hae,maru a matsho, a dusang pula,wona a a etsa tente ya hae.

13. Maru a apolwa ke kganyae mo etellang pele,ha na sefako sa mashala a tukang.

14. Morena a thwathwaretsa,a thwathwaretsa a le mahodimong,Ya Hodimodimoa utlwahatsa lentswe la hae.

15. A fula ka metsu ya hae,dira tsa qhalana,a betsa mahadima,mme tsa phasaphasa.

2 Samuele 22