2 Samuele 22:45-51 BIBELE (SSO89SO)

45. Hang ha di nkutlwa, di a mmamela,di ipea tlasa puso ya kaha di mpona.

46. Ditjhaba di kgathala matla,di tswa di thothomelaqhobosheaneng tsa tsona.

47. “Morena o a phela!Ho bokwe Lefika la ka!Modimo, Mopholosi wa ka,a ke a thoholetswe!

48. Modimo ya ntshitsang kadiphetetso,ya beang ditjhaba tlasa ka,

49. ya nnamolelang direng tsa ka,ya mphahamisetsang kahodimo,kahodimo ho ba ntwantshang,o nnamoleladiatleng tsa ba sehloho.

50. “Ka baka leo,ke tla o boka hara ditjhaba,ke roke lebitso la hao, Morena.

51. Wena ya neang kgosi ya hao,ya e neang tlholo e kgolo,ya bontshang mohauho motlotsuwa wa hao,ho Davida le ditloholo tsa haekamehla le mehla.”

2 Samuele 22