2 Samuele 22:3-18 BIBELE (SSO89SO)

3. Modimo ke lefika la ka,leo ke tshabelang ho lona,ke thebe ya ka,ke lenaka la ka le mpholosang,ke seqhobo sa ka,ke setshabelo sa ka;ke Mopholosi wa ka,o mpholosa kgatellong.

4. Ke ipiletsa ho Morenaya lokelang ho roriswa,mme ke pholoswa direng tsa ka.

5. “Maqhubu a lefua ne a ntikile,phororo tsa timelodi ne di nkukile.

6. Maraba a lefua ne a mpotapotile,difi tsa lefudi ne di ntjhehile.

7. Makaqabetsing a kaka ipiletsa ho Morena,e, ka ipiletsa ho Morena wa ka,a utlwa lentswe la kaa le ka Tempeleng ya hae,sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.

8. “Lefatshe la reketla, la thothomela,metheo ya lehodimo ya tsukutleha,ya reketla hobane a halefile.

9. Mosi wa foqoha ka nkong tsa hae,mollo o timetsangwa betseha ka hanong la hae,mashala a hlennenga tswa ho yena.

10. A phetla mahodimo,a theohela fatshe,leru le letsho le le maotong a hae.

11. A fofa a palame kerubime,a hoballa a le mapheong a moya.

12. Lefifi a le etsa lesira la hae,maru a matsho, a dusang pula,wona a a etsa tente ya hae.

13. Maru a apolwa ke kganyae mo etellang pele,ha na sefako sa mashala a tukang.

14. Morena a thwathwaretsa,a thwathwaretsa a le mahodimong,Ya Hodimodimoa utlwahatsa lentswe la hae.

15. A fula ka metsu ya hae,dira tsa qhalana,a betsa mahadima,mme tsa phasaphasa.

16. Madiba a mawatlea bonahala tlasetlase,metheo ya lefatsheya phetlehaha ho omana wena Morena,ha ho foka moyao tswang ka nkong tsa hao.

17. “Morena a nnanabela a le hodimo,a nnanabela, a ntshwara,a nkinola metsing a lewatle.

18. A nnamolelasereng sa ka se matla,ho ba ntlhoileng,ba neng ba mphekisa.

2 Samuele 22