2 Samuele 22:21-30 BIBELE (SSO89SO)

21. “Morena o mputsitseho ya ka ho loka ha ka,o mpuseleditseho ya ka ho hloka molato ha ka.

22. Ke tiiseditse tseleng ya Morena,ha ke a etsa bokgopo,ka arohana le Modimo wa ka.

23. Ke fadimehetsedikahlolo tsa hae tsohle,ha ke a qhelelataelo tsa hae kathoko.

24. Mahlong a hae ha ke na kodi,ke ipolokile ke se na molato.

25. Morena o mputsitseho ya ka ho loka ha ka,hobane o a bonahore ke hlwekile.

26. “Ho ya tshepahalang, o a tshepahala;ho ya se nang kodi, o hloka kodi.

27. Ho ya hlwekileng, o hlwekile,empa ho molotsana o masene.

28. Ke wena ya pholosangsetjhaba se hlophehileng,empa o kokobetsa baikgohomosi.

29. Morena, ke wena lebone la ka,Morena o bonesa lefifi la ka.

30. Ka thuso ya haeke thula dira tsa ka,ka thuso ya Modimo wa kanka tlola lerako.

2 Samuele 22