2 Samuele 22:10-15 BIBELE (SSO89SO)

10. A phetla mahodimo,a theohela fatshe,leru le letsho le le maotong a hae.

11. A fofa a palame kerubime,a hoballa a le mapheong a moya.

12. Lefifi a le etsa lesira la hae,maru a matsho, a dusang pula,wona a a etsa tente ya hae.

13. Maru a apolwa ke kganyae mo etellang pele,ha na sefako sa mashala a tukang.

14. Morena a thwathwaretsa,a thwathwaretsa a le mahodimong,Ya Hodimodimoa utlwahatsa lentswe la hae.

15. A fula ka metsu ya hae,dira tsa qhalana,a betsa mahadima,mme tsa phasaphasa.

2 Samuele 22