2 Samuele 21:4-18 BIBELE (SSO89SO)

4. Yaba Bagibeone ba re ho yena: “Ntwa ya rona le Saule, kapa le ba lelapa la hae, hase e ka lalang ka baka la silefera kapa kgauta. Ebile ha re rate ho bolaya motho ofe kapa ofe naheng ena ya Iseraele.”Jwale Davida a re: “Le re ke le etsetse eng?”

5. Ba re ho kgosi: “Monna o teng ya ileng a re ripitla, a re lohela mano hore re timetswe, hoo ho seng ho se moo re ka hatang teng naheng ena ya Iseraele.

6. Re nee banna ba supileng, bao e leng bara ba hae, re tle re ba fanyehele Morena, re le Gibea ya Saule, mokgethwa wa Morena.”Kgosi ya re: “Ke tla neelana ka bona.”

7. Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.

8. Yaba kgosi e nka Aremoni le Mefiboshete, e leng bana ba babedi, bao Risepa, moradi wa Aya, a neng a ba tswalle Saule, le bara ba bahlano ba Mikale, moradi wa Saule, bao a neng a ba tswalle Adariele, mora wa Barasilai wa Mehola.

9. Kgosi ya neelana ka bona matsohong a Bagibeone. Bagibeone ba ba fanyehela thabeng, kapele ho Morena, mme ba eshwa bohle ka bosupa ba bona. Ha ba bolawa e ne e le qalehong ya matsatsi a kotulo, ha ho qalwa ho hela harese.

10. Jwale Risepa, moradi wa Aya, a nka mokotla, a ikalla wona hodima lefika, ho tloha qalong ya kotulo, ho fihlela ha dipula di ena. Motsheare a tshosa dinonyana tse fofang hore di se ke tsa dula hodima ditopo tseo, mme bosiu a leleka dibatana tsa naha.

11. Ha Davida a bolellwa se entsweng ke Risepa, moradi wa Aya, mosadi wa lefielo wa Saule,

12. Davida a theoha, a ya nka masapo a Saule le a Jonathane, mora wa Saule, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a utswe lebaleng la Bete-Shane, moo Bafilesita ba neng ba ile ba ba fanyehela teng, mohla Saule a bolaelwang Gileboa ke Bafilesita.

13. Davida a nyoloha moo a nkile masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule; ba ba ba bokella le masapo a ba ileng ba fanyehwa.

14. Ba epela masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule, naheng ya morabe wa Benjamine, e Sela, ka lebitleng la ntatae Kishe. Ba etsa tsohle tseo kgosi e laetseng hore di etswe, mme kamora moo, naha ya rapellwa ho Modimo.

15. Bafilesita ba boela ba lwana le Baiseraele. Davida a theoha le bahlanka ba hae, ba lwantsha Bafilesita, Davida a ba a kgathala.

16. Ishibi, eo e neng e le e mong wa diqhobane, o ne a le Nobe. Lerumo la hae, le entsweng ka lethose, le ne le le boima bo ka etsang dikilo tse tharo le halofo, a bile a hlometse le ka sabole e ntjha, mme a nyoretswe ho bolaya Davida.

17. Empa Abishai, mora wa Seruya, a thusetsa Davida, a hlaba Mofilesita eo, a mmolaya. Banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “Ha o ka ke wa hlola o futuha le rona, esere wa bolawa, mme lebone la Baiseraele la tima.”

18. Kamora tsena, Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa Gobe. Sibekai wa Mohusha a bolaya Safe, eo e neng e le e mong wa diqhobane.

2 Samuele 21