2 Samuele 21:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. Bafilesita ba boela ba lwana le Baiseraele. Davida a theoha le bahlanka ba hae, ba lwantsha Bafilesita, Davida a ba a kgathala.

16. Ishibi, eo e neng e le e mong wa diqhobane, o ne a le Nobe. Lerumo la hae, le entsweng ka lethose, le ne le le boima bo ka etsang dikilo tse tharo le halofo, a bile a hlometse le ka sabole e ntjha, mme a nyoretswe ho bolaya Davida.

17. Empa Abishai, mora wa Seruya, a thusetsa Davida, a hlaba Mofilesita eo, a mmolaya. Banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “Ha o ka ke wa hlola o futuha le rona, esere wa bolawa, mme lebone la Baiseraele la tima.”

18. Kamora tsena, Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa Gobe. Sibekai wa Mohusha a bolaya Safe, eo e neng e le e mong wa diqhobane.

19. Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa e nngwe hape, Gobe. Elehanane, mora wa Jaare-Oregime wa Betlelehema, a bolaya Goliate wa Mogate. Theko ya lerumo la Goliate e ne e le kalo ka mofeng wa motjhini o ohlang.

20. Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate. Hona moo ho ne ho ena le monna wa safola. Le leng le le leng la matsoho a hae, le maoto a hae, le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene, mme le yena e le seqhobane.

21. Monna enwa a nna a phephetsa Baiseraele, mme Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya.

22. Ba bane bana ba ne ba tswetswe ke seqhobane sa Gate, mme ba bolawa ke Davida le ke bahlanka ba hae.

2 Samuele 21