10. Jwale Risepa, moradi wa Aya, a nka mokotla, a ikalla wona hodima lefika, ho tloha qalong ya kotulo, ho fihlela ha dipula di ena. Motsheare a tshosa dinonyana tse fofang hore di se ke tsa dula hodima ditopo tseo, mme bosiu a leleka dibatana tsa naha.
11. Ha Davida a bolellwa se entsweng ke Risepa, moradi wa Aya, mosadi wa lefielo wa Saule,
12. Davida a theoha, a ya nka masapo a Saule le a Jonathane, mora wa Saule, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a utswe lebaleng la Bete-Shane, moo Bafilesita ba neng ba ile ba ba fanyehela teng, mohla Saule a bolaelwang Gileboa ke Bafilesita.
13. Davida a nyoloha moo a nkile masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule; ba ba ba bokella le masapo a ba ileng ba fanyehwa.
14. Ba epela masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule, naheng ya morabe wa Benjamine, e Sela, ka lebitleng la ntatae Kishe. Ba etsa tsohle tseo kgosi e laetseng hore di etswe, mme kamora moo, naha ya rapellwa ho Modimo.
15. Bafilesita ba boela ba lwana le Baiseraele. Davida a theoha le bahlanka ba hae, ba lwantsha Bafilesita, Davida a ba a kgathala.
16. Ishibi, eo e neng e le e mong wa diqhobane, o ne a le Nobe. Lerumo la hae, le entsweng ka lethose, le ne le le boima bo ka etsang dikilo tse tharo le halofo, a bile a hlometse le ka sabole e ntjha, mme a nyoretswe ho bolaya Davida.
17. Empa Abishai, mora wa Seruya, a thusetsa Davida, a hlaba Mofilesita eo, a mmolaya. Banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “Ha o ka ke wa hlola o futuha le rona, esere wa bolawa, mme lebone la Baiseraele la tima.”
18. Kamora tsena, Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa Gobe. Sibekai wa Mohusha a bolaya Safe, eo e neng e le e mong wa diqhobane.
19. Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa e nngwe hape, Gobe. Elehanane, mora wa Jaare-Oregime wa Betlelehema, a bolaya Goliate wa Mogate. Theko ya lerumo la Goliate e ne e le kalo ka mofeng wa motjhini o ohlang.
20. Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate. Hona moo ho ne ho ena le monna wa safola. Le leng le le leng la matsoho a hae, le maoto a hae, le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene, mme le yena e le seqhobane.
21. Monna enwa a nna a phephetsa Baiseraele, mme Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya.