13. Hoba setopo sa Amasa se tloswe mmileng, batho bohle ba latela Joabe, ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.
14. Sheba a fohla merabe yohle ya Iseraele, a ba a ya fihla Abele-Bete-Maaka le ho Baberi. Bohle ba phutheha, mme le bona ba mo latela.
15. Ha Sheba a le Abele-Bete-Maaka, balatedi ba Joabe ba mo etsetsa thibella. Ba tshela mobu, wa etsa qubu pela lerako la motse. Ba thuthuka lerako leo hore ba le dihe.
16. Mosadi e mong ya bohlale a howeletsa a le kahara motse, a re: “Theang tsebe, le mamele! Bolellang Joabe, le re: <Atamela kwano, re ke re tlo bua!> ”
17. Joabe a atamela, mme mosadi eo a re ho yena: “Na ke wena Joabe?”Joabe a re: “E, ke nna Joabe!”Jwale mosadi a re ho yena: “Ako mamele puo ya lekgabunyane la hao.”Joabe a re: “Ke mametse!”
18. Mosadi a bua, a re: “Maele a boholoholo a re: <Tsamaya, o yo botsa motseng wa Abele,> ebe taba di fedile.
19. Motse ona wa heso ke o mong wa metse e ratang kgotso, o tshepahalang naheng ya Baiseraele. Empa o batla ho timetsa motse ona, oo e leng mma metse ya Iseraele? Ke ka lebaka lang ha o rata ho ripitla motse oo e leng lefa la Morena?”
20. Joabe a araba, a re: “Le ho ka! Nke ke ka leka ho o ripitla, kapa ho o timetsa.
21. Ha ho jwalo. Monna ya tswang naheng e maralla ya Efraime, ya bitswang Sheba, mora wa Bikiri, o fetohetse kgosi, yena kgosi Davida. Neelana ka yena feela, mme ke tla tloha motseng ona.”Mosadi eo a re ho Joabe: “Ke tla o akgella hlooho ya monna eo le hodima lerako.”
22. Jwale mosadi eo, ka bohlale ba hae, a ya bua le setjhaba sohle sa habo. Setjhaba sa kgaola hlooho ya Sheba, mora wa Bikiri, sa e akgella Joabe. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba qhalana, monna ka mong a ikela lapeng la hae. Jwale Joabe a kgutlela Jerusalema, ho kgosi.
23. Joabe ya eba molaodi wa mabotho wohle a Iseraele. Benaya, mora wa Jehoyada, yena ya eba molaodi wa lebotho la Bakerete le Bapelete.
24. Adorame yena ya eba molaodi wa makgoba. Jehoshafate, mora wa Ahilode, ya eba mongodi wa diketsahalo;
25. Shefa ya eba mongodi wa puso, mme bo-Sadoke le Abiatare ya eba baprista.