1. Gilegale ho ne ho ena le monna ya kgopo, ya neng a bitswa Sheba. E ne e le mora wa Bikiri wa Mobenjamine. Sheba a letsa lenaka, a re:“Ha re amane ka letho le Davida,mora wa Jese hase letho ho rona.Baiseraele,motho le motho lapeng la hae!”
2. Jwale banna bohle ba Iseraele ba fetohela Davida, mme ba latela Sheba, mora wa Bikiri, empa banna ba morabe wa Juda bona ba kgomarela kgosi Davida, ho tloha Jorodane, ho ya fihla Jerusalema.
3. Ha Davida a fihla ha hae Jerusalema, a nka basadi ba hae ba mafielo ba leshome, bao a neng a ba siile hae hore ba hlokomele lelapa la kgosi, a ba kwalla ka tlung, a ba beela molebedi. Davida a ba fepa, empa a se ke a kopanela dikobo le bona. Ba dula ba kwaletswe jwalo, ho fihlela ba eshwa, eka ke bahlolohadi.
4. Kgosi ya re ho Amasa: “Nkepele pitso ya banna ba morabe wa Juda, mme kamora matsatsi a mararo o be o le mona.”
5. Yaba Amasa o a tsamaya, o ya bitsa banna ba morabe wa Juda. Empa a dieha ho fihla, nako eo a neng a e baletswe ke Davida ya ba ya feta.
6. Davida a re ho Abishai: “Sheba, mora wa Bikiri, o kotsi ho rona le ho feta Abosalome. Phutha bahlanka ba monga hao, o mo phaladise, esere a kena metseng e nang le diqhobosheane, mme a re phonyoha.”
7. Bahlabani ba Joabe, le Bakerete, le Bapelete, le banna ba bahale, ba tswang Jerusalema, ba latela Abishai, mme ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.
8. Eitse ha ba fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a kgahlana le bona. Joabe o ne a apere seaparo sa bohlabani, se tlamilweng ka leqhama le nang le sabole. Sabole eo e ne e le ka selateng sa yona, e tlameletswe thekeng ho yena. Ha a ntse a tsamaya, sabole eo ya monyohela fatshe.