26. Jwale Abinere a howeletsa Joabe, a re: “Le rata ha sabole e ntse e bolaya hoyahoile? Ha o tsebe hore qetellong hoo ho tla tswala disuwa? O tla laela banna neneng, hore ba tlohele ho nna ba ngwanyamisa bana babo bona?”
27. Joabe a re: “Ke hlapanya ka Modimo ya phelang, hojane wa se ke wa bua, monna e mong le e mong o ne a ke ke a tlohela ho ngwanyamisa ngwanabo ho fihlela ha bo esa.”
28. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme batho bohle ba ema tlekelele! Ba se ke ba hlola ba phaladisa Baiseraele, mme ba se ke ba hlola ba ba lwantsha.
29. Abinere le banna ba hae ba qeta bosiu bohle ba ntse ba tsamaya kgohlong ya Jorodane. Ba tshela Jorodane, ba tsamaya hara Biterone yohle, ba ba ba ya fihla Mahanaime.
30. Joabe a tlohela ho ngwanyamisa Abinere, a kgobokanya setjhaba sohle sa hae. Hara bahlabani ba Davida ho ne ho le siyo Asaele le banna ba leshome le metso e robong.
31. Empa bahlabani ba Davida ba ne ba bolaile ba morabe wa Benjamine, e leng bahlabani ba Abinere, ba makgolo a mararo le mashome a tsheletseng.