19. Asaele a phaladisa Abinere, a mo salama.
20. Yaba Abinere o a hetla, mme o re: “Asaele, na ke wena?”Asaele a araba, a re: “Ke nna!”
21. Abinere a re ho yena: “Tlohela ho mphaladisa, o tshware e mong wa bahlankana, o ikgapele seaparo sa hae sa ntwa.” Empa Asaele a se ke a tlohela ho mo ngwanyamisa.
22. Abinere a boela a re ho Asaele: “Se ka nna nngwanyamisa! O batla hore ke tle be ke o bolaye? Nka shebana jwang le ngwaneno Joabe?”
23. Ha Asaele a ntse a hana ho mo tlohela, Abinere a mo hlaba mpeng ka theko ya lerumo, mme lerumo la ba la ya hlaha kamorao, yaba o wela fatshe, o shwela hona moo. Bohle ba ileng ba fihla sebakeng seo, seo Asaele a shweletseng ho sona, ba ema tlekelele!
24. Empa bo-Joabe le Abishai ba nna ba phaladisa Abinere. Letsatsi la ba dikella leralleng la Amma, e lebaneng le Gia e tseleng e yang lehwatateng la Gibeone.
25. Bana ba Benjamine ba kgobokana ho Abinere, ya eba sehlopha se le seng, ba ema hodima leralla le leng.
26. Jwale Abinere a howeletsa Joabe, a re: “Le rata ha sabole e ntse e bolaya hoyahoile? Ha o tsebe hore qetellong hoo ho tla tswala disuwa? O tla laela banna neneng, hore ba tlohele ho nna ba ngwanyamisa bana babo bona?”
27. Joabe a re: “Ke hlapanya ka Modimo ya phelang, hojane wa se ke wa bua, monna e mong le e mong o ne a ke ke a tlohela ho ngwanyamisa ngwanabo ho fihlela ha bo esa.”
28. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme batho bohle ba ema tlekelele! Ba se ke ba hlola ba phaladisa Baiseraele, mme ba se ke ba hlola ba ba lwantsha.
29. Abinere le banna ba hae ba qeta bosiu bohle ba ntse ba tsamaya kgohlong ya Jorodane. Ba tshela Jorodane, ba tsamaya hara Biterone yohle, ba ba ba ya fihla Mahanaime.