13. Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona.
14. Abinere a re ho Joabe. “Ere bahlankana ba eme, ba lwane, re bone ba tla hlola.”Joabe a re: “Ho lokile!”
15. Ba tla, mme ba balwa; ba leshome le metso e mmedi ba morabe wa Benjamine e le ba Ishe-Boshete, mora wa Saule; ba leshome le metso e mmedi e le bahlanka ba Davida.
16. Motho ka mong a menyana le wa hae, ba tshwarana ka dihlooho, ba hlabana ka disabole dikgopong, yaba ba wela fatshe kaofela, ba a shwa. Ke ka baka leo sebaka seo se Gibeone se ileng sa rewa lebitso la Lebala la Disabole.
17. Mohla letsatsi leo ntwa ya eba e mahlomafubedu. Abinere le bahlabani ba Iseraele ba hlolwa ke bahlabani ba Davida.
18. Bara ba bararo ba Seruya, e leng Joabe, le Abishai, le Asaele, ba ne ba le teng; Asaele a le lebelo jwaloka kgama ya naha.
19. Asaele a phaladisa Abinere, a mo salama.
20. Yaba Abinere o a hetla, mme o re: “Asaele, na ke wena?”Asaele a araba, a re: “Ke nna!”
21. Abinere a re ho yena: “Tlohela ho mphaladisa, o tshware e mong wa bahlankana, o ikgapele seaparo sa hae sa ntwa.” Empa Asaele a se ke a tlohela ho mo ngwanyamisa.
22. Abinere a boela a re ho Asaele: “Se ka nna nngwanyamisa! O batla hore ke tle be ke o bolaye? Nka shebana jwang le ngwaneno Joabe?”