2 Samuele 19:8-14 BIBELE (SSO89SO)

8. Yaba kgosi e a ema, e ya dula kgorong ya motse. Bahlabani bohle ba tsebiswa, ha thwe: “Kgosi ke eo e dutse kgorong ya motse.” Yaba bahlabani bao ba phuthehela kapele ho kgosi. E mong le e mong wa Baiseraele o ne a ile a balehela lapeng la hae.

9. Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.

10. Abosalome eo re mo tlotseditseng ho ba kgosi ya rona, o bolailwe ntweng. Jwale ke ka baka lang, ha le sa re kgosi e kgutle?”

11. Yaba kgosi Davida o romela molaetsa ho moprista Sadoke, le ho moprista Abiatare, o re: “Bolellang baholo ba Juda, le re: <Ke ka baka lang ha e le lona ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutlele tlung ya yona? Molaetsa wa Baiseraele bohle, o reng kgosi e kgutlele tlung ya yona, o se o fihlile.

12. Lona le bana beso, le madi eso; jwale ke hobaneng ha le le ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutle?>

13. Ho Amasa le tle le re: <Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.> ”

14. Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.”

2 Samuele 19