2 Samuele 19:6-19 BIBELE (SSO89SO)

6. O rata ba o hloileng, empa o hloile ba o ratang. Kajeno o iponahaditse hore ha o re letho ka mahosana kapa bahlanka. Kajeno ke elellwa hore haeba Abosalome a ne a sa shwa, eba rona bohle re shwele, o ka be o thabile.

7. Ka baka leo, ema, o tsamaye, o yo bua hantle le bahlanka ba hao, hobane ke hlapanya ka Morena hore haeba o sa ye, ha ho motho ya tla o lebela bosiung bona. Hona ho tla ba hobe ho wena ho feta bomadimabe bohle bo kileng ba o wela hodimo ho tloha bohlankaneng ba hao, ho fihlela kajeno.”

8. Yaba kgosi e a ema, e ya dula kgorong ya motse. Bahlabani bohle ba tsebiswa, ha thwe: “Kgosi ke eo e dutse kgorong ya motse.” Yaba bahlabani bao ba phuthehela kapele ho kgosi. E mong le e mong wa Baiseraele o ne a ile a balehela lapeng la hae.

9. Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.

10. Abosalome eo re mo tlotseditseng ho ba kgosi ya rona, o bolailwe ntweng. Jwale ke ka baka lang, ha le sa re kgosi e kgutle?”

11. Yaba kgosi Davida o romela molaetsa ho moprista Sadoke, le ho moprista Abiatare, o re: “Bolellang baholo ba Juda, le re: <Ke ka baka lang ha e le lona ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutlele tlung ya yona? Molaetsa wa Baiseraele bohle, o reng kgosi e kgutlele tlung ya yona, o se o fihlile.

12. Lona le bana beso, le madi eso; jwale ke hobaneng ha le le ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutle?>

13. Ho Amasa le tle le re: <Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.> ”

14. Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.”

15. Yaba kgosi e a kgutla, e fihla Jorodane. Ba morabe wa Juda ba ya Gilegale, ho ya kgahlanyetsa kgosi le ho e tshedisa Jorodane.

16. Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, a theoha le banna ba morabe wa Juda ka potlako ho ya kgahlanyetsa kgosi Davida.

17. Shimei o ne a ena le banna ba sekete ba morabe wa Benjamine, le Siba, mohlanka wa lelapa la Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Batho bana ba potlakela ho ya fihla Jorodane pele ho kgosi.

18. Seketswana sa tshelela mose ho Jorodane, ho ya lata ba lelapa la kgosi, le ho etsa seo kgosi e lakatsang ha se etswa.Hoba Shimei, mora wa Gera, a tshele Jorodane, a obamela kgosi,

19. a re ho yona: “Monga ka, o se ke wa ntadima ke le motho ya kgopo, mme o se ke wa hopola bobe boo mohlanka wa hao a neng a bo etse ka letsatsi leo monga ka, kgosi ya ka, a neng a tloha Jerusalema ka lona. Kgosi e se ke ya ntjara ka pelo.

2 Samuele 19