2 Samuele 19:37-43 BIBELE (SSO89SO)

37. Ke a o rapela: Ako dumelle mohlanka wa hao hore a kgutle, ke tle ke yo shwela motseng wa heso, pela lebitla la ntate le la mme. Mohlanka wa hao Kimehame ke enwa; ha e be yena ya tshelelang mose le monga ka, kgosi ya ka. Mo etsetse seo o bonang se le molemo.”

38. Kgosi ya re: “Ke tla tshelela mose wane le Kimehame, mme ke tla mo etsetsa seo wena o bonang se le molemo. Le wena ke tla o etsetsa tsohle tseo o ka di kopang ho nna.”

39. Setjhaba sohle sa tshela Jorodane, le kgosi ya tshela. Yaba kgosi e aka Barasilai, ya mo hlohonolofatsa, mme Barasilai a kgutlela ha habo.

40. Kgosi ya tshelela Gilegale, le Kimehame a tshela le yona. Setjhaba sohle sa morabe wa Juda sa tshedisa kgosi noka; le karolo e nngwe ya setjhaba sa Iseraele ya etsa jwalo.

41. Jwale banna bohle ba Baiseraele ba tla ho kgosi, ba re ho yona: “Ke ka baka lang ha bana babo rona, e leng banna ba morabe wa Juda, ba ile ba nka kgosi ka lenyele, ba e tshedisa Jorodane, hammoho le ba lelapa la yona, le banna bohle ba Davida?”

42. Banna bohle ba morabe wa Juda ba araba banna ba Iseraele, ba re: “Ke kahobane kgosi e tswalana le rona. Jwale taba ee e le halefisa ka baka lefe? Na kgosi e kile ya re fepa? Kapa ebe re filwe dimpho?”

43. Banna ba Iseraele ba araba banna ba morabe wa Juda, ba re: “Kabelo ya rona ho kgosi e feta ya lona haleshome; le ho Davida re na le tokelo e fetang ya lona. Jwale le re nyedisitse ka baka lefe? Na hase rona ba qadileng ho bua pele ka taba ya hore kgosi e kgutliswe?”Dipolelo tsa banna ba morabe wa Juda di ne di hlaba ho feta tsa banna ba Iseraele.

2 Samuele 19